Ha a tsoela, Jan. 19 -- Sechaba sa Qacha's Nek Thabaneng Liphakoeng se lla ka tlokotsi ea tlala eo ba tobaneng le eona ka lebaka la ho khinoa hoa motsamao.

Puisanong le Lentsoe la Sechaba Morena oa Thabaneng Liphakoeng Morena Thembeni Mofempeni o boletse ha sekhahla se phahameng sa kokoana-hloko ea Corona ka har'a naha se tsoentse sechaba sa habo haholo kaha boholo ele baitsokoli. A re khino ea motsamao le ho thibela baitsokoli ho tsoelapele ka khoebo ho tlo eketsa tlhokahalo ea lijo malapeng a bona. Mofempeni o hlalositse ha tlhokahalo ea mosebetsi e se e ntse ele ka sehlohlolong, 'me sena se etsa hore ho be boima ho fihlela tse ling tsa litlhoko tsa letsatsi ka leng. "Sena se tlo nyolla le litlolo tsa molao ka har'a tikoloho ena ekasit...