Maseru, Feb. 24 -- Monna oa Mosotho Refumane Matlotlo (26) oa Ha-Makhabane Hekeng o tlalehoa a hlekefelitse nkhono ea lilemo li mashome a supileng a motso (71) o mong ka motabo.

Raliphatlalatso oa Sepolesa sa Lesotho Senior Superintendent Mpiti Mopeli o bontsitse ha Matlotlo a hlahile kapele ho lekhotla la 'Maseterata hona Mohale's Hoek ka la 15 Hlakola selemong sona sena.

Tlahelo e supa ha eo a ile a kena ha nkhono ka la 7 Hlakola ka shoalane, 'me a fumana nkhono a se a robetse. Mopeli o re nkhono o ile a utloa hona le motho ka tlung, ha a phahamisa hloho eaba moshanyana eno o se a mo otla a bile a mohlekefetsa ka motabo. O ekelitse ka hore ka lehlohonolo nkhono o ile a atleha ho mo tseba ke ha atla tlaleha litaba tsena 'me eo a qetella ...