MASERU, July 7 -- Letona la Metsi Mohlomphehi Nkaku Kabi, le Motlatsi oa hae Mohlomphehi Lepota Sekola 'moho le Mongoli e Moholo oa Lekala Mofumahali 'Mamonyane Bohloko, ba ile ba potoloha le morero oa metsi oa letamo la Metolong ka sepheeo sa ho ithuta ka morero le likatleho tse seng li fihletsoe, ka Labohlano.

Mofumahali Bohloko o re ho bohlokoa hore ha batho ba fihla ka hare ho mosebetsi ba etse boithuto e le hona hore ha liqholotso lihlaha ba tle ba tsebe ho li sheba ka tsela e chatsi e le ho bebofatsa ho isa litsebeletso sechabeng. O re sena ke seo ba se etsang ka mor'a hore ba kene ka hare ho ofisi ea Lekala la metsi, "re tlile mona re tlo bona hore na mehloli ea metsi ana ke efeng 'me re hlokomela hore taba ena ea Metolong ke more...