Maseru, Sept. 29 -- Motlatsi oa Letona la Metsi Mohlomphehi Lepota Sekola o thakhotse phepelo ea metsi metseng e mene ea Makhaleng ka Laboraro.

Raboletsi, Ha-Sematle, Ha-Motjotji le Ha-Rapokolana. Hoea ka Mohlomphehi Sekola thakholo ena ke karolo ea mosebetsi o moholo oa Lekala la Metsi oa ho anetsa metsi sechabeng.

Morena oa Ha-Raboletsi Morena Patso Toloane o bontsitse ha Mohlomphehi Sekola a elelletsoe lenyora la sechaba sa habo 'me a re e se e ka thabo ea bona e ka se fetohe masoabi metsi a anele sechaba kaofela. A kopa hore mokonteraka a tlo sebetsa sebakeng seo leha ba eso motsebe, a mpe a ba etsetse mosebetsi o phethahetseng o tlang ho ba tsoela molemo ele sechaba le hore kamora phepelo ena ea metsi ho latele ea motlakase.

Mokhe...