Maseru, Feb. 24 -- Ho ea ka Raliphatlalatso oa Sepolesa sa Lesotho Senior Superintendent Mpiti Mopeli, monna ea lilelemo li mashome a mararo Mpho Khoase oa Ha-Toka o hlahile kapela ho Lekhotla la 'Maseterata ka la 18 Hlakola selemong sona sena a qosoa ka polao ea monna oa mosotho ea lilemo li (35) oa Lesobeng Ha-Mosa.

Mopeli o re litlaleho li supa hore bosiung ba la 17 Hlakola, moqosuoa le mosali oa hae 'moho le mofu ba ne ntse ba noa joala ba matsoho hona motseng mono ha mosali oa moqosuoa le mofu ba qoaketsana ka mantsoe 'me mofu a otla mohatsa 'melaelloa, ke ha moqosuoa a tla otla mofu ho fihlela ba tsoela kantle. Moqusuoa o tlalehoa a iIe a khutla kantle a se a le mong.

Mopeli o boletse ha hoseng hoa letsatsi le hlahlamang mong'a ntlo...