Maseru, Feb. 24 -- Raliphatlalatso oa Sepolesa sa Lesotho Senior Superintendent Mpiti Mopeli o phatlalalitse ha monna ea lilemo li mashome a mararo a metsoe e 'meli (32), Likopo Abram oa Lithipeng Mohale's Hoek a hlahile kapele ho lekhotla la 'Maseterata Quthing ka la 16 Hlakola.

Abraham o qosoa ka ho hlekefetsa ka motabo moshanyana ea lilemo li leshome le metso e meraro (13), 'me o emetse nyeoe litlamong. O tla boela a hlaha lekhotleng ka la tharo Tlhakubele selemong sona sena.

Mopeli o re tlaleho e supa hore ka la robong Hlakola, Lehlasipa le ne lele naheng le ena le ba bang 'moho le moqosuoa, me ba kopantse mehlape ea bona, eaba mantsibua liphoofolo ha li oroha ba tlameha ho li thiba li ee motseng, moqosuoa o ile a li thiba a nyamella ...