MASERU, July 7 -- Lekhotla la teropo ea Maseru (MCC) le lelekile baitsokoli ba leshome le metso e meraro (13) ba itsetlehileng ka jarete ea kereke ea Mofumahali oa Tlholo ka lereng ba ipehile sebakeng seo.

Ho ea ka emong oa baitsokoli bana Mofumahali 'Mamofokeng Makara MCC e itse ba tlohe sebakeng kaha e le setsa sa kereke hape ke pel'a banka, 'me e sala e le tlokotsing ea bosholu. Makara o re o fumane tlaleho ena ha a ne a ile ofising ea 'Masepala ho lefella lengolo, leo a bileng le lona ho tloha ka selemo sa 2012 ha a fihla 'marakeng.

"Mangolo a rona re a etselitsoe ke komoti ea lifateng, e leng sebaka sa ho tloha ka selikalikoe se seholo sa Maseru ho ea ka tlase ho sekolo se phahameng sa Lesotho (High School),"a rialo Makara.

Makara...