BEREA, Aug. 27 -- Mokhatlo oa thero ea Malapa Lesotho (LPPA) ono etetse Ha-Makoatlane, Lekokoaneng seterekeng sa Berea ho ea bokella maikutlo a basali ba tlaase lilemong le banana moo teng obileng oa tsoara puisano le sechaba sa motse ho fumana liqholotso le mathata a bacha.

Ketelo ena e entsoe kamor'a hore emong oa baithaopi motseng oo a atamele LPPA, ho e khothaletsa ho etsa lenane thuto le ka thusang bacha ba sebaka seo.

Raliphatlalatso oa LPPA, Monghali Tlali Matela o hlalositse ha setsi sa habo se thabela ha bacha ka har'a naha ea Lesotho ba ka ba le bokamoso bo bochabileng, 'me bona ba fana ka likeletso liqholotsong tse etsang hore bacha ba sitoe ho fihlela litaba-tabelo tsa bona. A re ke ka hona ba tsoarang lipuisano le bona maba...