Maseru, March 4 -- Mohokahanyi lehaeng la mokhatlo oa batho ba nang le bokooa ba kutlo le puo Mafeteng Monghali K'hacha Ramokoatsi o hlalositse ha letsatsi la Lefatse la kutlo le ketekoa selemo le selemo ka la 03 Tlhakubele kahare ho naha ea Lesotho ke mekhatlo e fapaneng ea batho ba nang le bokooa ba kutlo ele ho bontsa bohlokoa ba kutlo.

Ramokoatsi puisanong ea hae le leselinyane la Lentsoe La Sechaba ka Laboraro, o bontsitse ha 'moko-taba oa selemo sena ele o hlalosang hore "ho utloa ho molemo ho bohle". O supile ha taba e ka sehlohong litabeng tsena tsa kutlo ele ho bontsa hore kutlo e molemo ho motho e mong le emong ekaba ea utloang le ea sa utloeng 'me batho bohle ba tlameha ho sebetsa ka thata ho nena le ho qoba lintho tse ka etsa...