Lesotho, Sept. 3 -- Ho liella likhala khoeling ea mosali oa Mo-Afrika, Finite Magazine tlasa BAM Group Foundation e entse mokete holong ea 'Manthabiseng convention center, moo teng e tlotlileng basali ba itlhommeng pele mesebesting ea bona ka ho bafa likhau, Moqebelo o qetang ho feta.

Ho tlotliloe basali ba itlhommeng pele mafapheng a latelang: bophelo, temo, boetelli pele, khoebo, bosireletsi, bohlahisi, le amang a mangata.

Mokete ona heeaba mokete feela, ebile mokete o moholo ka hara naha o tlotlang basali ba linatla.

Mokete ona o file basali morolo, boitsepo le hona ho ba joentsa hore bana le bokhoni ba ho etsa ntho engoe le engoe. O boetse hape o ba khothalitse hore ba tiise le hofeta mesebetsing ea bona.

Ho sale joalo emong oa ba...