Maseru, Sept. 29 -- Baahi ba motse oa Sephareng, Bokong seterekeng sa Thaba-Tseka ba seboko ka sekhahla se holimo sa litlolo tsa molao nakong ena ea seoa sa kokoana-hloko ea Corona.

Mokhethoa oa Puso ea Libaka, Bokong Monghali Mokoloko Mokoloko o hlalositse hore ka hare ho metse ea bona bosholu haholo ba liphoofolo le litlhekefetso, e kaba ka motabo kapa litlhaselo, li iponahalitse ka sekhahla se holimo. Mokoloko o supile hape hore pelaelo ke hore tsena tsohle li bakoa ke hore boholo ba batho ba felletsoe ke mesebetsi 'me, "ba bang ba qetelletse ba tloha litoropong moo ba neng ba ntse ba tsoarisa matsoho teng," a rialo.

O tsoetse pele a re ba bang ba batho bana ba qetella ba kena litlolong tsa molao e ka ba hona ho utsoa liphoofolo e nt...